- Rising Voices - https://rising.globalvoices.org -

Diphephetso tsa puo le thekenoloji tseo baithuti ba buang Sesotho ba tobanang le tsona Afrika Borwa

Categories: Digital Security + Language, Languages

Illustration by Siya Masuku for Rising Voices

Ka María Alvarez Malvido, e thehilwe ho thuto ya dipatlisiso “Diphephetso tseo baithuti ba puo ya Sesotho ba tobanang le tsona – ho ka fihlella mehlodi ya dijithale, polokeho le tshireletso, ” ka Lebona Mafisa.

Kamora ho ka batlang e le dilemo tse mashome a mararo kamora kgethollo (Apartheid), Molaotheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa kajeno o ananetse tshebediso ya dipuo tse ileng tsa qhelelwa ka thoko nakong e fetileng le ho  beha dipuo tsena tsa botala maemong a tshwanetseng. Le ha ho le jwalo, kananelo ena e mpa fela e le ntlha e qalang ho tlisa diphetoho ho latela diketsahalo tsa nalane ya naha mme ho sa ntse ho na le tse ngata tse lokelang ho etswa ho nka mehato e sebetsang ebile e metle ho ntshetsapele tshebediso ya dipuo tsena tse fapaneng. Disebediswa tsa dijithale thekenolojing di na le bokgoni bo boholo ho etsa sena [1], empa ho na le tshita ya ho di fihlella ka lebaka la ho se lekane mme sena e dula e le tlhobaboroko maikeisheneng a jwalo ka Vaal, mona ke moo puo ya Sesotho e sebediswang teng haholo mme e ka sebediswa hape ho lwantshana le ho okamelwa ke dipuo tse ding.

Sebaka sa Vaal se ruile nalane e kgolo ka ha Molaotheo wa Riphaboliki ya Afrika Borwa o ile wa saenelwa lekeisheneng la Sharpeville, moo Puso ya Kgethollo (Apartheid) e ileng ya bolaya batho ba batsho ka sehloho mme ya lematsa palo e hodimo haholo ya batho mme ketsahalo ena e hopolwa hantle ka letsatsi e ketekwang ka Hlakubele 1960 [2]. Le ha ho bile le diphetoho molaotheong wa naha le ho ananela ho fapana ha batho, maemo a phedisano le ikonomi makeisheneng a jwalo ka a Vaal a ntse a salletse morao ha ho shejwa setjhaba ka kakaretso. Ho latela letsholo la palo ya batho la 2011, puo e buuwang haholo sebakeng sena ke Sesotho ka diperesente tse 52.5, e latelwe ke IsiZulu (diperesente tse 13.1), Afrikaans (diperesente tse 12.5), IsiXhosa (diperesente tse 7.8) le dipuo tse ding di nka (diperesente tse 14.1).

Lebona Mafisa ke titjhere ya puo e hlahang lekeisheneng la Zamdela, Provenseng ya Foreisetata e ka bang metsotso e mashome a mabedi (20) ha o kganna ho ya Vaal e Provenseng ya Gauteng. Ke e mong wa baitseki ba dijithale ba sebetsang ka thata ho ntlafatsa maemo a Sesotho eo e leng puo ya hae ya letswele.  Lebona o hlalosa hore:

“Afrikaans le English e ne e le dipuo tse pedi tse neng di okametse tse ding Afrika Borwa, dipuo tsena di ne di sebediswa ke Puso ya Kgethollo (Apartheid) ya nako e fetileng ho hatella dipuo tsa MaAfrika le dibui tsa tsona, mohlala, diforomo tse ngata tse sebediswang mafapheng a mmuso di ne di ngotswe ka dipuo tsena tse pedi fela, e leng maemo a ntseng a rena le kajeno. Le ha ho le jwalo, maano a puo a teng ha jwale [3] a leka ho phahamisa dipuo tsena tse neng di qheletswe ka thoko tse jwaloka Sesotho.”

Ho latela boithuto bona: “Diphephetso tseo baithuti ba puo ya Sesotho ba tobaneng le tsona – ho ka fihlella mehlodi ya dijithale, polokeho le tshireletso”, ka tshebedisano le Rising Voices, Lebona o kgwaollotse dintlha tse itseng ho hlaha diketsahalong tseo baithuti ba 10 ba Sesotho ba tswang sebakeng sa Vaal ba kopanang le tsona le kamoo ba hlalosang maemo a ditaba ka teng. Baithuti bohle ba bileng le seabo diphuphutsong tsena ba sebedisa dithulose tsa dijithale le ha ho na le diphephetso le dikgaello tse fapaneng, e leng tse amanang haholo le phihlello. Ho na le ditsela tse pedi tsa sethatho tseo phihlello e leng phephetso: phihlello ya dikgokahano le phihlello ya ditaba ka puo ya bona ya letswele. Na dikgaello tsena di amana jwang? Na ho ne ho ka ba le ditaba tse ngata tsa Sesotho haeba dibui tsa Sesotho di ne di phehisa marangrang ebile di kgona ho fihlella bohokahanyi le ho fihlella lesedi ka puo ya tsona ho ka tswela pele ho sebedisa dithulose tsena?

Boithuto bona bo lekola diphephetso tse teng tse amanang le puo tseo baithuti ba leshome (10) ba Sesotho ba tobanang le tsona. Lebona o sebedisitse lenane la dipotso le diinthaviu ho sebetsana le tsena. Ho feta moo, baithuti ba ile ba ngola meqoqo eo e leng bopaki ba phuphutso ena. Ditlhaloso le diketsahalo tseo baithuti ba kopaneng le tsona di hlahella ka mantswe a bona, di kopantswe le ditleleimi tseo ba di ntshang, tjhadimo le ditabatabelo tsa bona, diphephetso tseo ba di utullang di tsamaisana le dinnete tse etsahalang tse hlalositsweng ka hodimo mona.

“Ntho tse ngata di se di betere haholo matsatsing ana ka ha re na le thekenoloji. Empa ena le nako ya ho sukudisa jwalo ka WiFi ya moo ke dulang teng. Hangata ha ke tlameya ho ngola mosebetsi wa sekolo e ke e be le bothata mme ke be ke qetelletse ke tlile campus hoba ya campus e ka pele”

Ho hloka botsitso ba phihlello ya inthanete sebakeng sa Vaal ha bo tliswe fela ke boleng ba yona empa hape ke bothata ba ho kgaoha ha motlakase kgafetsa sebakeng seo e leng se sitisang tshebediso ya inthanete mme kahoo, ha ho sebetsehe hantle ha motho a batla ho kena hara marangrang. E mong o hlakisa hore:

“Ha mefuta ena ya mathata e hlahella, ekare bophelo ba motho e mong le e mong, kapa mohlomong nka re bophelo ba moithuti e mong le e mong, bo ba thata hobane re tlwaetse ho sebedisa thekenoloji ho etsa ntho e nngwe le e nngwe, ho tloha ka ho buisana, ho etsa mosebetsi wa sekolo le ho kena ka hara marangrang a setjhaba.”

Na ho etsahalang ha phihlello ya inthanete bakeng sa baithuti e sa hlokomelwe hantle mabatoweng a tobaneng le ho hloka tekano ya sebopeho e bakilweng ke ho se lekane? Ho etsahalang ha boleng ba inthanete ho bonahala eka bo a haella jwalo fela ka phihlello ya ditaba ka puo ya bona ya lehae? Ho qhelela ka thoko ka puo ho ke ke ha utlwisiswa ntle le ho beha ditaba maemong a tshwanetseng ka ho lekola ka ho batalla ho se lekane le kgethollo e teng naheng. Makeishene a mangata a Afrika Borwa a arolelana nalane e tshwanang le ya Vaal, a jereng semelo sa ho tobana le nalane e telele ya ho qhelelwa ka thoko mme sena se hlahiswa ka ho hlaka ke kgaello ya menyetla ya ikonomi, bofuma, tlhokeho ya mesebetsi le mehato e phahameng ya botlokotsebe. Lebona o hlakisa hore tsena tsohle di amana le phihlello e sa lekaneng ya mehlodi ya dijithale le boleng ba dikgokahano.

Ntle le ho kgaoha ha motlakase le inthanete sebakeng sa Vaal, baithuti ba a dumela hore Sesotho se hloka boemedi bo botle sebakeng sena moo ho sebediswang dijithale.

“Ha ke kgone ho fihlella lesedi le lengata leo ke le hlokang jwaloka dibuka tsa kerama le dingolwa” Ke sisinya hore ho kenngwe disebediswa tsa ho bala tse ngata ka puo ya letswele: ho lokela ho be le dibukatataiso, dikgutsufatso tsa dibuka, tse jwaloka dinovele, dipale tse kgutshwanyane le dithothokiso tse ngotsweng ke bangodi ba Sesotho le ditsebi tsa puo.”

Ho hlalosa e mong wa baithuti, sena se hlakisa tlhokeho ya ditaba tsa dijithale ka dipuo tsa bona tsa lehae. E mong o hlakisa hore ditaba tseba di lokela ho fumaneha dipolatefomong tse kang YouTube moo ho hlophisitsweng dividiyo bakeng sa baithuti ba poraemari, sekondari le yunivesithi, e le hore ba tle ba tsebe ho ithuta dipuo tsa bona haholwanyane.

“Ke nahana hore ha motho a ka ba le kgetho ya ho fetolela puo ho Sesotho nakong eo o leng inthaneteng ho tla etsa hore dintho di be betere hobane ka tsela e jwalo motho a ka kgona ho fihlella lesedi leo a le hlokang ka puo ya hae,” ho sisinya moithuti e mong.

Ka ha molaotheo o ananela ntlha ena ya nalane ya kgethollo, puso e tlamehile ho nka mehato e sebetsang ebile e metle ho tlisa maemo a betere bakeng sa dipuo tsohle.  Ha ho le jwalo, ho ya ka Lebona, batho ba Afrika Borwa ba tshwanetse ho fumana ditshebeletso ka puo eo ba e utlwisisang hantle. E nngwe ya ditshebeletso tsena ke thuto mme ha mokgwatsamaiso wa thuto o itshetlehile ntlheng ya ho fihlella ditaba ka dijithale, dithulose le dikgokahanyo, boleng ba dikgokahanyo tseo le puo e sebediswang ho fihlella dipheto tseo e ba taba ya bohlokwa haholo. Ha se hore fela baithuti ba lokela ho fihlella dingolwa, dipale, dikgokahano le ditaba ka Sesotho empa hape le lesedi la dijithale le sireletsehileng le tla tshehetsa phehiso ya bona ka mokgwa o bolokehileng ho bona le nakong eo ba sebetsanang le dithulose tsena tsa dijithale. Ntshetsopele ya mehlodi le thupello di lokela ho ananela maemo a setso a fapaneng hammoho le ditlhoko tse tobileng ho hlaha mabatoweng hape le ditabatabelo tsa ho ithuta tsa baithuti bana.

Ho latela kamoo Lebona a bonang ka teng, ho lokela hore ho etswe diphuphutso  tse tswellang ho ka utlwisisa ditshebetso tsa dijithale kamanong le ditjhabana tsa matswallwa, tse nyenyane ebile tseo dipuo tsa bona di nang le mehlodi e tlase ka ha diphuphutso tsena di tla akaretsa le dibaka tse ding ka sepheo sa ho hlokomedisa baokamedi le bafani ba mehlodi bakeng sa ntshetsopele. Ho latela boithuto bona, o teka ditshisinyo tse tobileng ho bankakarolo ba fapaneng ba jwaloka, ditsebi tsa Ditsebiso le Thekenoloji (IT) lekaleng la thuto, Bomasepala le bafani ba ba bang ba mofuta ona wa ditshebeletso.

Dipuo tsa bopaki tsa baithuti tse hlahisitsweng ka hodimo mona ke seipone sa diphephetso tse fapaneng tseo dibui tsa dipuo tsa matswalla ba kopanang le tsona ha mekgwatshebetso ya thuto e itshetlehile phihlellong ya dijithale e leng se sa rarollwang bakeng sa bohle. Ntlha e nngwe, ba hlakisitse hore phihlello ha se fela taba ya disebediswa kapa yona ntlha ya ho ba teng ha dibaka tsa ho fumana Wifi. Taba e ka sehloohong ke boleng le ditaba le mehlodi ya lesedi e fumanehang. Ho phethela, tokelo ya ho fumana le ho sebedisa Sesotho marangrang a inthanete.

For more stories and information from participating language communities, please visit the “Digital Security + Language” [4] project page